Rato La Ka

Rato la hao
Le mofuthu
Le a tuka
Le kgutsisa difefo
Moyeng wa ka
Le tlisa kgotso
Pelong ya ka
Ke rata ho ratwa ke wena
O a rateha mahlong a ka
O molemo bophelong ba ka
Matsohong a hao
Ke fumana phomolo
Bosiu ke lora dirurubele

Jo nna we! Jo nna we!
Ke rata motho
Helang bo! Helang bo!
O hlola pelo ya ka
Jo nna we! Jo nna we!
Ke rata motho
Helang bo! Helang bo!
O hlola pelo ya ka

Rato la ka
(Ke wena feela)
Pelong ya ka
(Ho busa wena feela)
Rato la ka
(Ke wena feela)
Pelong ya ka
(Ho busa wena feela)
Rato la ka
(Ke wena feela)
Pelong ya ka
(Ho busa wena feela)
Rato la ka
(Ke wena feela)
Pelong ya ka
(Ho busa wena feela)

Ke rata tsela eo
O ntshwarang ka yona
Ha o ntshuna teng
Ke bona dinaledi
Monate wa hao
Ke wa mahe a dinotshi
O nkga monate
Ekare o dipalesa
Bokamoso ba rona
Ke o tshepela bona
Mafifing a bosiu
Ke tsetselela wena
Ka tjheseho etsa thato
Ya hao ka nna
Sa ka ke sa hao
Ikgotsofatse ka nna

Jo nna we! Jo nna we!
Ke rata motho
Helang bo! Helang bo!
O hlola pelo ya ka
Jo nna we! Jo nna we!
Ke rata motho
Helang bo! Helang bo!
O hlola pelo ya ka

Rato la ka
(Ke wena feela)
Pelong ya ka
(Ho busa wena feela)
Rato la ka
(Ke wena feela)
Pelong ya ka
(Ho busa wena feela)
Rato la ka
(Ke wena feela)
Pelong ya ka
(Ho busa wena feela)
Rato la ka
(Ke wena feela)
Pelong ya ka
(Ho busa wena feela)



Credits
Writer(s): Sethanause Josias Moloi
Lyrics powered by www.musixmatch.com

Link